Eden Development Foundation - EDF
Litšebeletso tsa printing li'a fumaneha liofising tsa Eden Development Foundation - EDF Tebellong. Scan, print, and photocopy at your local and convenient service provider.
Boikitlahetso ba Eden Development Foundation - EDF ba nako e telele ba ho thusetsa likolong tsa Tebellong, Qacha's Nek ka ho ntlafatsa khaho ea matlo a ho rutela le ho akofisa thuto ea tšebeliso ea computer le marang-rang e amehile haholo ke tšenyo e bakiloeng ke moea o matla o fefotseng le ho soahlamanya marurelo a sekolo sa mathomo sa Mahabe.
EDF le Mahabe Primary School li ne li se li le mokhahlelong oa ho phethela morero ona ka ha ho ne ho se ho setse feela h**e ho katoe fatše, ho lila mabota le ho kenya mamati le lifesetere. Khopolo ea rona e ne e le h**e hang ka mor'a phomolo ea mariha mosebetsi o be o phethetsoe.
Ha moea o ntse o tsoela pele ho foka ka matla tjena, polokeho ea bana le basebetsi sekolong sena e tsietsing hobane mohaho o setseng o maemong a hlobaetsang. Ka chebo ea mahlo ho motho ea tsebang sekolo sena, mohaho oa teng ke o kannang oa heleha neng kapa neng ha ho ka fihla lipula tse matla.
Sekolo sena sa Mahabe se setse ka liphoposi tse tharo moo e 'ngoe e boetseng e sebetsa e le ofisi. Phaphosi kanngoe e rutela lihlopha tse fetang bonngoe, 'me sena se setisa ho fana ka thuto ea boleng.
EDF e seratsoe haholo ke tšenyo ena, 'me re kopa batho ba boithatelo bo botle, mekhatlo e ikemetseng le mafapha a ikarabellang a 'muso ho tšehetsa morero oa rona oa ho qetela ntlafatso ea sekolo sena molemong oa polokeho le thuto e ntlafetseng ea bana.
Bakeng sa lithuso le litlhakisetso, re fumaneha linomorong tse latelang:
+266 57206207
+266 63372387
Click here to claim your Sponsored Listing.
Contact the organization
Telephone
Website
Address
Tebellong
Qacha's Nek
Opening Hours
| Monday | 09:00 - 17:00 |
| Tuesday | 09:00 - 17:00 |
| Wednesday | 09:00 - 17:00 |
| Thursday | 09:00 - 17:00 |
| Friday | 09:00 - 17:00 |