Alfa Ligth Radio
25/05/2026
Li President tsa linaha ka ho fapana ba rata mekhoa e fapaneng ea boithabiso ekaba lipapali kapa mokhoa ofeng kapa ofeng oa boitlhabollo.
President Donald Trump oa United States of America ๐บ๐ธ o rata golf haholo.
President Emmanuel Macron oa France ๐ซ๐ท o rata ho matha haholo.
President Cyril Ramaphosa le Jacob Zuma ba South Africa ๐ฟ๐ฆ rata ho bina haholo.
President Vladimir Putin oa Russia ๐ท๐บ o rata papali ea Juto le taekwondo haholo.
President Duma Boko oa Botswana ๐ง๐ผ o rata bolo ea maoto le mabelo haholo.
Tonakholo ea Lesotho ๐ฑ๐ธ Ntate Sam Matekane o bonahala a rata papali ea likoloi ka ho fapana.
Nnete ha hona phoso haa hlahella papaling tse joalo hangata.
Nthonyana e mpang e ee e etse h**e karolo e kholo ea sechaba e bonahale ekare e ea tletleba ha ba mmona a hlahella lipapaling tse joalo hangata, ke ha ba nka ho na le more pressing issues tse tobaneng le naha tseo ba nahanang li hloka attention ea hae khafetsa, tse kang unemployment ea bacha, ho nyotobela ha moruo joalo-joalo.
President tsane tse ling le hoja le bona ba nne ba hlahe ba bapala, empa kaha ba hlaha hangata ba bua ka litaba tse amang sechaba sa bona hangata haholo, le ha ba hlaha ba itlhabolla ka matsatsi a mang, batho ha ba nke ekare ba khabentile papali.
So nnete ha ho na phoso ea letho ha Ntate Sam a intsha a ipapalla, a itlhabolla, feela o tla lokela le tsane tseo sechaba se li tonetseng mahlo a nna hlahe a bua ka tsona khafetsa eska ka o li lebetse.
So ha papali e hlahella after hard work, e fana ka maikutlo a h**e kannete motho enoa oa e hloka ho theola stress, empa ha ho hlahella eona haholo, a thotse nthong tsa bohlokoa, ekare ke eona e ka pele, so li lokela li be balanced.
Mme ntho e tla etsa sechaba se tsebe h**e Tonakholo oa sebetsa, ke ne ile ka etsa tlhahiso h**e media oa hae o lokela o behe sechaba sehlohlolong daily na Tonakholo o ntsa etsang, le social media page tsa had li lokela ho sebetsa haholo.
Ha u shebile u le hole, uena u bona ekare Tonakholo o sekametse hokae? Papaling kapa mosebetsing?
Maikutlo ana ke Ntate Ralekoala
25/05/2026
๐๐๐๐๐๐๐๐๐ ๐๐๐๐๐๐๐๐๐ ๐๐๐๐๐๐ ๐๐๐๐๐๐๐๐ ๐ ๐๐๐๐๐๐ ๐๐๐๐๐๐๐๐ ๐๐ ๐๐๐๐๐๐ ๐๐ ๐๐๐๐๐๐ ๐๐๐ ๐๐๐๐๐๐ ๐๐ ๐ ๐๐๐๐คฃ๐คฃ๐คฃ
25/05/2026
๐๐ฌ๐ ๐๐จ๐ซ๐๐จ ๐ฆ๐จ๐ซ๐๐จ ๐๐ฅ๐จ๐๐ฆ๐๐จ๐ง๐ญ๐๐ข๐ง
Boipalaetsong bo ntseng bo tsoelapele naha ka bophara ea South Africa, ho utloahala hao tsoeroe batho ba isang lekholong (100) ba kene likhoebong tsa melata ba ikhapela thepa e rekisoang ka thoko ho molao,
Mme potso tse potolohang le marang rang ke h**e na kajeno lijo tsa melata hali expired na? Habane ba lla ka h**e melata eba rekisetsa ntho tse feletsoeng ke nako.
24/05/2026
IRAN E ETSA TLHAHISO E NCHA HO AMERIKA
Iran e kentse tlhahiso e ncha e mekhahlelo e 'meli ho Amerika, eo bohlokoa ba eona e leng bo kenyelletsang ho emisoa ha tsamaiso ea litefiso tseleng ea leoatle ea Strait of Hormuz.
Li ka teng tsa mokhahlelo oa pele oa tlhahiso ke tse latelang;
Iran e batla h**e ntoa e fele ka molao, le h**e Amerika e emise thibello ea leoatle le ho lokolloa ha lichelete tsa Iran, le tefo ea matลกeliso a ntoa.
Hape, Iran e sisinya ho buloa hape ha Strait of Hormuz le ho emisa litefiso
Ha tlhahiso mokhahlelong oa bobeli e re;
Iran e tla emisa ho ntlafatsa "uranium ho feta 3.6% ka lilemo tse leshome, e hlapolle "uranium" e ntlafalitsoeng haholo, 'me e itlame h**e e ke ke ea hlahisa libetsa tsa nyutlelie.
Baetapele ba Iran ba batla h**e likotlo tsohle li tlosoe ka botlalo, 'me Amerika e tlameha ho amohela tokelo ea Iran ea ho ntlafatsa "uranium".
24/05/2026
๐๐-๐๐๐๐๐๐๐ ๐ ๐๐๐๐๐๐๐ ๐๐๐๐๐๐ ๐๐๐ ๐๐
๐๐๐๐-๐๐๐๐๐
Litabeng tsa machaba, ho hlahella ha ma-Nigeria a khutlisetsa molamu sefateng khahlanong le Afrika-Borwa. Ho utloahala ha likhoebo tsa Afrika-Borwa tse hoebang kahara Nigeria li choatluoe tse akhang ShopRite.
Hosale joalo, e mong oa banna ba kapele lequloaneng le lelekang matsoa-ntle kahara Afrika-Borwa, o tlalehoa ase a entse phatlalatso h**e likhoebo tsohle tsa matsoalloa a Nigeria kahara Afrika-Borwa, li emise ho sebetsa hang-hang, hotloha kajeno(24.05.2026) kamora ho utloa ka taba ena.
Lits'oants'ong ke monna oa Lezulu ea reng Ma-Nigeria a koale likhoebo, le sets'oants'o sa motsemoholo Nigeria Lagos moo ele seteraeke ho choatloa likhoebo tsa Afrika-Borwa.
24/05/2026
๐๐๐๐๐ ๐๐๐ ๐๐๐๐๐๐๐๐๐ ๐๐ ๐๐๐๐ ๐๐ ๐๐๐๐๐๐๐ ๐๐๐๐๐๐
Moperesitente oa linaha tse kopaneng tsa America(USA) o hlalositse h**e litherisano tsa linaha tsa habo le naha ea Iran li tsamaea ka thello ho latela moralo oa linaha tse peli.
Mohl. Donald Trump o boetse a supa h**e o malala-a-laotsoe ho fa Iran nako e lekaneng ho fihlela tumellano le USA.
'Mampoli oa lefats'e(Trump) o bonts'itse h**e khefu-khekhenene ea sesole sa metsing sa Washington DC e tla lula e kene ts'ebetsong leoatleng la Arabian le la Oman e kibileng maliboho a boema-kepe ba Tehran ho fihlela tumellano ea USA le Iran e tekenetsoe.
Ka lehlakoreng le leng e mong oa setho sa naha ea Iran ea keneng khabong litherisanong tse boletsoeng monghali Mohammad Bagher Ghalbaf o supile h**e a kebe a iphetola tsuonyana-robala ho hanya litabatabelo tsa naha ea habo litherisanong tsa Iran le USA.
Leha USA le Iran li sa ts'epane, tebello ke h**e li tla qetella li fihletse tumellano e reretsoeng ho felisa ntoa Tehran ho tloha phirimaneng ea letsatsing la kajeno.
24/05/2026
๐๐จ๐ ๐ ๐ ๐๐ข๐๐ฆ๐ง๐๐ ๐ข ๐ง๐๐ ๐๐๐ฆ๐ข๐ง๐๐ข
Ka la 4 December 2026 DUMI MKOKSTAD o tla ba le teng kahare ho naha ea Lesotho moketeng oa THE PASSION GOSPEL FEST o tlo tsโoareloa toropong ea Maseru sebakeng se bitsoang MASERU CLUB
Mokete o tlo qala ka 6PM hofihlela 5am
Kahara libini tse tla be li le teng moo ke AYANDA NTANZI โข TSโEPISO MPOTLE โข T BORN โข PROPHET SHANO'H โข LEBONA MOSITI โข DAVID SELIANE โข PASTOR BUSA le bang ba bangata.
Reka Ticket ea hau ka pele, re na le Phase 1 Ticket tse tlo fella ka la 2 June 2026
Gen Ticket M150 / VIP 450 / VVIP M1000
Fumana ticket Compiticket, ticketbox, etickets, mpesa, Doxa N Kabod, Pioneer Mall at Pick N Pay
Re u tlisetsa ticket kahare ho toropo ea Maseru hohle moo u teng
Letsetsa nomoro tsena 57727026 / 63858479
HAPA TICKET
Rules
1.Tag your friends on the commend section
2.Share a poster as many as possible
Poster with more likes and reactions stand a chance to win a ticket
Re na le ticket tse tharo feela for competition hape re tlo fana ka bahloli mafelo a khoeli
Good luck๐ช
23/05/2026
NENG LE NENG NTOA E KANNA EA TLOHA BOROKO LIPAKENG TSA US LE IRAN
US le Iran li nyahlalitse lipuisano mme likhohlano pakeng tsa linaha tsena ke tse matla. Ka lebaka lena President ea Amerika Donald Trump, o hlakotse maeto ohle a hae a mafelo a beke ena.
Hara maeto ao Trump a a hlakotseng, ke la ho ea lechatong la mora oa hae. Mehloli e supa ha meralo eohle ea sesole sa US e le mothating oa ho qetela mme se emetse feela taelo ea Trump.
Litaba li sa le mothating ona, IRGC le NOTAM li tlalehile ha Iran e koetse sepakapaka sa eona, mme maeto a lifofane a khinnoe ho fihlela letsatsing la mantaha, kaha e itlhophela ho nkhisetsana mahafi le US lih**eng tse tlang.
Sesole sa Iran se re se na le moralo o mocha oo se tlang ho o sebelisa khahlanong le US hammoho le baetsana ba eona.
Litaba ka World News le Meidas Touch
23/05/2026
TRUMP O Tล OARA KOPANO E KHETHEHILENG KA NTOA EA IRAN
Moporesitente oa Amerika, Donald Trump, o kopane le ba boholong ba ts'ireletso ea naha White House ho buisana ka mehato e ka nkoang mabapi le ntoa le Iran. Ho latela litlaleho tsa CNN le Axios, kopano e felile ntle le qeto ea Moshoelella, ha lipuisano tsa khotso li ntse li tsoela pele. Linaha tsekang Qatar le Pakistan li rometse baemeli Iran ho leka ho fokotsa tsitsipano, empa Iran e re ho ntse ho ena le likhoqetsane tse kholo lipakeng tsa eona le Amerika.
POTSO:
Na u nahana h**e Amerika e lokela ho tsoela pele ka lipuisano kapa e nke mehato e matla khahlanong le Iran?
23/05/2026
IRAN ๐ฎ๐ท E TSEPISA USA LE BO MMATE EONA LIOPA-PINA
Iran e koetse sepakapaka sa eona sa lifofane 'me e re e itokisetsa ntoa hape le United States ka lihora tse seng kae tse tlang,ho latela lipolelo tsa IRGC le NOTAM, thibelo ea motsamao ea lifofane e ho fihlela hoseng ha Mantaha.
Iran e re ba entse moralo o mocha oa ntoa ea boraro o lebisitseng U.S. le balekane ba eona ka mokhoa o mocha ,o MATLA ,o khethehileng," ho latela setsi sa litaba sa mmuso sa Iran sa Tasnim.
Ka nako e ts'oanang, liofisiri tsa U.S. li re Donald Trump hona joale o ikemiselitse ho fana ka tumello ea ho qetela bakeng sa litlhaselo tse kholo tse ncha ntle le haeba ho ka etsahala ntho e sa lebelloang nakong ea lihora tse 24 tse tlang.
Boemo bo ntse bo mpefala pakeng tsa IRAN le USA.
23/05/2026
LITJEO TSA LIKOLOI TSA BAETI LI NYOLOHA HAPE
Seea-le-moea se etse-hloko h**e ho tloha ka la pele Phuptjane 2026, likoloi tsa baeti tsa Afrika Boroa li tl'o nyoloha hape, moo teng ho ea Ladybrand moeti o tl'o lefa M35.00.
Pele ho ba le ho phahama ha litheko tsa mafura tsena tse hloeleng mekoalaba tse thokotsoeng ke ntoa e lipakeng tsa Amerika, Isarael le Iran, ho ea Ladybrand e ne e le M25.00, ha joale ke M30.00, ha ka la pele khoeling e tlang teng e tla be ele M35.00.
Local Afrika boroa e nyoloha ho 16 le 17 ho ea ho 19, ka ho fapanyetsana ha libaka.
Ka hoo ela-hloko esere oa makala ha u fihla ka koloing.
Ho sa le joalo, Bloemfontin le teng u ka lebella ho tla lefa chelete e M180.00-M200
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Contact the business
Telephone
Website
Address
Ha Tsolo
Maseru