Habo Khoho
08/07/2026
Ha re nne re luleng sehlohlolong sa litaba tsa 'mamekhatlo oa ro Lesotho Poulty Industry Association-lepia ana u so tlatsitse foromo (Form) ea bona h**e le uena u tlo baloe hara bahlahisi ba bo 'malits'ibana Lesotho?
📢 Lumelang Lihoai tsa Likhoho! 🇱🇸
Boitlamo ba rona ho LePIA ke ho matlafatsa lihoai tsa likhoho le ho khothaletsa mekhoa e metle ea bohoai Lesotho. Ke kahoo re thakhotseng foromo ea ho ingolisa ka marang-rang (virtual registration form). Mohato ona o re tsoela molemo ho thopa le ho utloisisa indasteri ea likhoho Lesotho.
Re batla ho tseba hantle h**e na bats'ehetsi ba rona ke bo-mang le h**e na le kena hokae lethathamong la bohoai ba likhoho (poultry value chain).
H**e na le ba:
🐣 Polokelo ea mahe kapa bo-malitšibana ba hlahisang litsuonyana (Hatchery kapa Breeder)
🐔 Lihoai tsa likhoho tsa mahe kapa tsa nama (Layer kapa Broiler Farmer)
🥩 Ba tsamaisang lihlaba-likhoho (Abattoir operator)
🌾 Bo-rakhoebo ba temo kapa Bafani ba lijo tsa likhoho (Agro-preneur kapa Feed supplier)
🚚 Bafani ba lipalangoang le thepa (Logistics and Transport provider)
🩺 Bafani ba litšebeletso tsa bophelo ba liphoofolo (Extension kapa Veterinary services)..kapa mofani ofe kapa ofe oa litšebeletso lethathamong lena!
Ka ho utloisisa se u phelisang, re ka khona ho emela le ho tšehetsa lekala lena lohle ka mokhoa o molemo.
Ho tlatsa foromo ena ho bobebe, ho potlakile, 'me ho bolokehile ka ho feletseng u sebelisa Google Forms.
Mekhoa ea ho fumana foromo (Link):
1️⃣ Kena Marang-rang a Rona: Tobetsa sehokelo se fumanehang ho:
WhatsApp Channel: https://whatsapp.com/channel/0029Vb7qGdh1NCrMZUqozk0S
page: Lesotho Poultry Industry Association
Instagram: lepia.lesotho
2️⃣ Bua le Rona: Kopa sehokelo (link) ka ho romela molaetsa oa taba feela (Text only) ho WhatsApp ea rona: 🟢 +266 62 125 598.
Na e sebetsa joang?
Fumana link ➡️ 2. Penya link ho bula Google Forms ➡️ 3. Tlatsa foromo ka nepo ➡️ 4. Penya submit ho romela foromo ea hau.
A re sebetseng 'moho, re nchafatseng, 'me re matlafatseng indasteri ea rona hammoho! 🤝🐓
📧 email: [email protected]
OneCountryOneVoice OneCountryOnePoultryRepresentative
30/06/2026
Ke Labobeli le leholo la mafelo a khoeli Habo Khoho nama e bapala🍗
Moqoqo Monday
Se u tsoere joang serame ka likhohong? Kapo u so emetse lehlabula hape?
Habo Khoho ke karabo ea hao ka litsuonyana tse phetseng hantle le meriana ea tsona .O qala leeto la ho ruwa osa tshwenyehe🐥
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Telephone
Address
LANFE, Pela KFC E Holimo
Maseru
Opening Hours
| Monday | 09:00 - 17:00 |
| Tuesday | 09:00 - 17:00 |
| Wednesday | 09:00 - 17:00 |
| Thursday | 09:00 - 17:00 |
| Friday | 09:00 - 17:00 |
| Saturday | 09:00 - 17:00 |