InfoSphere

InfoSphere

Share

23/12/2024

STARLINK E SE E TLA KENA LESOTHO KA 2025, BAREKI BA E HLOELE SETHA

Tsébeletso ea inthanete ea Starlink, ea monna oa sekhorane se fetang likhorane tsohle lefatséng Elon Musk, e chechiselitse khakolo ea eona naheng ea Lesotho selemong se tlang, e leng 2025. Inthanete ena e mathang ka lebelo la lehalima e hlolehile ho khakola tsébetso linaheng tse 24 kaofela tsa Afrika tseo e neng e li phatlalalitse, ‘me tse kenyeletsang Lesotho.

Starlink, e oelang tlasá SpaceX, e atlehile ho khakola tsébetso linaheng tsa Afrika tse supileng (7) feela selemong sena ho tseo e neng e itlhophetse tsona. Linaha tseo ke Botswana, Burundi, Ghana, Madagasca, Sierra Leone, South Sudan, le Zimbabwe. Palo ena e tlisa kakaretso ea linaha tsa Afrika tseo Stralink e seng e khakotsoe ho tsona ho leshome le metso e mene (14). Bareki linaheng tsena ba tlalehoa ba imetse bokhoni ba inthanete ena kaha e le eona e tsépahalang ebile e le theko e tlase.

Qholotso e kholo e hlaha moo inthanete e matla e leng lehoetla libakeng tsa litoropo linaheng tsa Afrika kaha inthanete ea Starlink e papaela haholo libakeng tsa mahae moo metse e arohaneng. Starlink e okha matla ho sathelaete, 'me sathelaete ka ‘ngoe e abetsoe palo e itseng ea basebelisi sebakeng se le seng.

Basebelisi ba Starlink linaheng tsa Zimbabwe le Ghana ba tlaleha ha lebelo la inthanete ena le theohetse ka tlase ho 100mbps ka lebaka la ho imeloa, haholo litoropong tse kholo joaloka Harare le Accra. Ho leka ho laola boemo bona, Starlink e emisitse lithekiso tse ncha metseng ea litoropo e meholo joaloka Abuja, Lagos, Nairobi le Lusaka.

Ho fapana le linaheng tse tsoetseng pele tsa bophirima, moo inthanete ea Starlink e fihlang baahi ba litoropong ba se ntse ba na le mefuta e mengata ea inthanete e lebelo e theko e tlase, Starlink e shebahala e ne e sa itlhophela hoba nkokonono ea inthanete bakeng sa baahi ba litoropo moo matlo a atamelaneng.

Ho latela matsaranka a lithaba tsa Lesotho, ho boima ho likhámphani tse kang Econet Telecom Lesotho le Vodacom Lesotho ho isa lihlhahisoa tsa tsona tse kang fibre libakeng tsa metse e maloting, ‘me Starlink ke eona tsépo bakeng sa liofisi tsa ‘muso, likolo, litleleniki, le lebaahi ba metse ena. Ha joale, Lesotho le tla tsoa le ntse le bohile ha ngoale e khiba linaheng tse ling moo Starlink e seng e ntse e sebetsa.

Na le uena u potlaketse ho bona Starlink e kena Lesotho?

13/11/2024

KOTSI EA LI -APP LE LI-WEBSAETE TSE BAPALANG LIFILIMI LE LIPAPALI MAHALA HO BASOTHO

Nakong ena eo tsébeliso ea marang-rang e ntseng e phahama ka hará naha ea Lesotho, li-app le li-websaete tse fanang ka monyetla oa ho boha lit'soants'o tsa li baesekopo le lipapali tse hasoang ka kotloloho mahala li ntse li ata. Joaloka lintho tse ngata tsa mahala, li-app le li-websaete tsena li na le kotsi e tsábehang haholo naheng e kang Lesotho, moo melao ea marang-rang e sa ntse e hloptjoa.

Ho ea ka boithuto ba British Association for Screen Entertainment, ho li websaete tse 50 tse fanang ka lits'ebeletso tsa mahala, tse 45 li kotsi kaha li laoloa ke linokoane tsa marang-rang. Li-websaete tsena ke tsona tse sebelisoang linaheng tsohle tsa lefats'e ‘me Basotho ba li sebelisang ba ka utsoetsoa ha bonolo, ho sena moo ba ka fumanang thuso. Khothaletso ke h**e ho sebelisoe li-app le li-websaete tsa semmuso tse lefelloang joaloka Netflix, Showmax, Prime Video le DSTV Stream kaha li sireletsehile.

Kokoanahloko ea marang-rang e utsoang

Kotsi e kholo ka li-app le li-websaete tsena tsa litsébeletso tsa mahala ke kokoanahloko ea marang-rang e sebelisoang ke linokoane ho kena ka hará lifono, li-laptop le litheleveshene ho utsoa lintlha tsa bohlokoa ka basebelisi ba li-app le li-websaete tseo. Konoanahloko ena e ka hlokisa fono kapa sesebelisoa sa marang-rang botsitso nakong eo e nyarelang nomoro ea lekunutu (password), aterese ea email kapa nakong eo e utsoang lintlha tse ling tsa hau tsa bohlokoa.

Ts'enyo ea lifono le lisebelisoa tse ling tsa marang-rang

Boholo ba li-app le li-websaete tsena tse fanang ka lits'ebeletso tsa mahala bo senya lifono le lisebelisoa tse ling tsa marang-rang ka ho li etsa h**e li be botsoa hoo li ka qetellang li senyehile. Network le eona ea ameha kaha li-app le li-websaete tsena li sebelisa data e ngata haholo papisong le tse molaong.

Ho nyotobetsa moruo

Tse ling tsa libapali tsa libaesekopo tsa Lesotho li hlahella lits'oants'ong tse hlahisoang ke Netflix le Showmax, ‘me sena se bolela h**e kamehla ha u lefa seabo sa hau mapatlelong ana, u kenya letsoho ho nyolla bana ba Basotho. Ka lehlakoreng le leng, ha u sebelisa li-app le li-websaete tsa mahala teng, u kenya letsoho ho senyetsa Basotho ba bang le ho thefula moruo. Sets'oants'o sa molao o loantsáng litlolo tsa molao tsa marang-rang, Computer Crime and Cybersecurity Bill of 2024, se ntse se hlahlojoa ke mafapha a amehang. Sena se bolela h**e, linokoane tsa marang-rang tse sebelisang li-app le li-websaete tse hlahisang litsóantsó mahala ho hohela batho, ha li na ho qosoa naheng ea Lesotho ha joale ka lebaka la melao e’so phetheloe.

Want your business to be the top-listed Advertising & Marketing Company in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Telephone

Website

Address


Maseru
100