Thusanang Driving School

Thusanang Driving School

Share

Photos from Thusanang Driving School's post 08/03/2026

Re leboha haholo ho baetapele ba Foloko Rising Christian Academy ka ho re mema kopanong ea batsoali e neng e tshoaretsoe Crocodile in hotel. Hona e bile monyetla o motle h**e Thusanang Driving School e kopane le batsoali le ho ba tsebisa ka morero oa rona oa ho ruta bana ba bona ho khanna.
Re ile ra hlalosa h**e sepheo sa rona ke ho thusa bacha h**e ba ithute ho khanna ka tsela e sireletsehileng, e nang le boikarabelo le ka botsebi. Re batla ho aha moloko oa bakhanni ba nang le tsebo, ba hlomphang melao ea sephethephethe .
Thusanang Driving School e ikemiselitse ho sebetsa mmoho le batsoali le sekolo ho netefatsa h**e bana ba fumana thuto e nepahetseng ea ho khanna, ho tloha lithutong tsa motheo ho isa ho bokhoni ba ho ba bakhanni ba nang le boikarabello.
Re leboha batsoali bohle ba ileng ba nka nako ya bona ho mamela le ho tshehetsa pono ena. Tshebelisano ea rona e tla thusa ho aha bokamoso bo betere bakeng sa bana ba rona.

Thusanang Driving School – MASTER THE ROAD

Photos from Thusanang Driving School's post 15/12/2025

Batsoali bohle ba hopotsoa ho ngolisa bana ba bona ho Foloko Rising Christian Academy bakeng sa selemo sa 2026. Sekolo sena se ikemiselitse ho fana ka thuto e phethahetseng, boitšoaro bo botle le motheo oa Bokreste bakeng sa bokamoso bo botle ba bana.

Na o batla ho ithuta ho khanna ka tsela e hlophisitsoeng, e utloahalang le e tšepahalang?
Thusanang Driving School e fana ka lithuto tse lumellanang le litlhoko tsa moithuti ka mong.

Re fana ka likhetho tse latelang tsa thupelo:

Khoeli e le ’ngoe – M1 670
E loketse ba seng ba ena le tsebo ea motheo kapa ba ithutang kapele, ba hlokang koetliso e khuts’oane pele ho tlhahlobo ea driver’s license.

Likhoeli tse peli – M3 340
Ena ke thupelo e felletseng ea ho khanna.
Likhoeli tse peli li fana ka nako e lekaneng ea:
Ho ithuta melao ea tsela ka botlalo
Koetliso e tsitsitseng ea ho khanna
Ho aha boits’epo le bokhoni bo hlokahalang bakeng sa tlhahlobo
Thupelo ena e etselitsoe ho lokisetsa moithuti ka botlalo ho fumana laesense.

Likhoeli tse tharo – M5 000
E fumaneha ka boikhethelo bakeng sa ba hlokang nako e eketsehileng ea ho itloaetsa, ho tiisa tsebo kapa ba batlang ho ithuta ka lebelo le sa potlakang.

Barupeli ba nang le boiphihlelo
Thuto e hlakileng le e utloisisehang
Re tšehetsa moithuti ho fihlela a itokiselitse tlhahlobo

Ikopanye le Thusanang Driving School kajeno!
Re u ruta ho khanna ka boits’epo, ka lebelo le u loketseng.

Contacts: +266 58060055
: +266 62060055

09/12/2025

Re ntse re tsoelapele ho amohela bana ho tloha Grade 8 ho fihlela Grade 11. Re romelle molaetsa ho 58011475 pele sebaka se fela.

Want your school to be the top-listed School/college in Butha-Buthe?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Category

Telephone

Website

Address


Main North 1
Butha-Buthe