Mapholi FM 101.2

Mapholi FM 101.2

Share

03/06/2026

Ho tlaba joang na banna!

03/06/2026

BAAHI BA SEMPHETENYANE BA FUOA BEILE EA BOIKALOSO

Mosali le banna ba bahlano ba Semphetenyane, Maseru ba hlahile kapele ho ‘maseterata oa Maseru kajeno ba qosoa ka ho baka meferefere ha ba itseka ba tseka tsela e mpe motseng oa bona ka la 1 June 2026.

Qoso ea pele ke h**e baqosuoa ka thoko ho molao ba bakile meferefere motseng oa bona, ba bina lipina tse hlohlonts’ang litsebe ba bile ba chesa lithaere ’mileng oa sechaba.

Qoso ea bobeli e re ba sebelisitse mahlapa le lits’oso ka tsela e lukang khotso ba koetse tsela ea sechaba.

Akhente ea bona, Khotso Nthontho o ba kopetse beile ea mahala ea boikaloso ka h**e liqoso tsa bona ha se tse boima hakaalo kaha ba ne ba tseka litokelo tsa bona tsa ho fuoa lits’ebeletso tse nepahetseng tsa tsela. A re batho bana leha ba qosuoe ba ts’eletse empa e ne e se bona feela empa e ne e le motse kaofela.

Lehlakore la bochochisi ha le ka la hanana le akhente ea baqosuoa ‘me ‘maseterata o ile a ba lokolla ka beile ea mahala ea boikaloso.

Ba tla hlaha hape khotla ka la 29 June 2026.

Ho feta mona ho na le banna ba bang ba babeli. E mong o qositsoe ka ho hana ho tšoaroa ke sepolesa, e mong o qositsoe ka h**e o fetile moo a tšoere sethunya, seo akhente e ileng ea makala h**e monna eo o tlotse molao ofe empa sethunya sa hae se le molaong.

📸Mejametalana Newsroom

03/06/2026

le Motebang Chabana

🎤Lekhotla la Kanana ea Basotho (SR) le re beng ba morero oa Malata-Naha ba emise ho cheha phiri ka Basotho. SR e re taba ea ho khutla hoa naha e ke ke ea chabeloa ke letsatsi kaha ke mafosisa h**e Lesotho le ahloletsoe h**e le fuoe naha ea lona e jooeng ke Maburu.

Litabeng tse ling: Re tlo buisana le mohlopholli litabeng tsa lipolotiki le sechaba David Letela, ka sefofane se ileng sa fihla boema-fofane ba Moshoeshoe I ka moroalo oa matekoane bekeng e fetileng.

Retlo buisana le motlatsi oa Mongoli oa SR, Adv Mohau Tšilo

📞 57183195/21217951
📲 57183195
🌐 www.mapholifm.co.za

101.2 MHz Maseru le Mathoko a eona
88.8 MHz Mafeteng
90.4 MHz Leribe



📞 57183195/21217951
📲 57183195
🌐 www.mapholifm.co.za

101.2 MHz Maseru le Mathoko a eona
88.8 MHz Mafeteng
90.4 MHz Leribe

Want your business to be the top-listed Media Company in Botsabelo?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Telephone

Address


Tlosa House, Bots'abelo
Botsabelo

Opening Hours

Monday 06:00 - 21:00
Tuesday 06:00 - 21:00
Wednesday 06:00 - 21:00
Thursday 06:00 - 21:00
Friday 06:00 - 21:00
Saturday 06:00 - 21:00
Sunday 06:00 - 21:00