Daniel Mofo

Daniel Mofo

Share

26/07/2025

Mohlakoana Pholo’a Lisema!
Leila-ho-ngoatheloa,
Leila-polokoe ea maobane!
Bahlakoana ba bina pina bosiu;
Bahlakoana ba tšoana le Bataung.
A! Ekaka ba hlanyetsa senkhoana!
Oa ma-Mahlatsi,
Liea-ha-Mahlatsi ha le ke li khutla!
Oa ma-mohoma o moholo.
Ke motho oa Mosito le Napo!

ii)

Mohlakoana oa ma-Pholo’a Lisema!
Maila-ho-ngoatheloa,
Maja-polokoe-kaofela.
Bahlakoana ha ba je sengoathoana sa maobane.

iii)

Mohlakoana oa Lisema!
Ha u e-ea Tlhakoaneng u ee Mariha,
U tla teana le lipolokoe patlellong;
Hlabula teng ba futsoella bana matlung.

iv)

Bahlakoana ba ma-Napo’a Mosito!
Bahlakoana babo Pholo’a Lisema!
[Kapa: Bahlakoana babo Tau ea Tihela]
Bahlakoana le ba etele Mariha,
Hoba Hlabula ba futsoella matlung;
Ke batho bas a jeng ngoathoana sa maobane,
Ba jang polokoe kaofela.
Mabeoana abo Kali’a Tšolo
Maila-ho-ngoatheloa
Bahlakoana ba tšoana le Bataung,
Bahlakoana ba bina pina bosiu.

v)

Mohlakoana oa ma-Pholo’a Lisema!
Maila-ho-ngoatheloa;
Maja-polokoe-kaofela, a e re:mph!

vi)

Mohlakoana oa ma-Nkokoto!
Hlabane Rakolojane, thoto e eme;
E ee habo Makhimisa,
Habo Kau lekhalong.

vii)

Mohlakoana oa Mahaseng!
Lepotla-potla le ja poli,
Mapena-matšoerane;
Lesisitheho le ja khomo,
Ramatenane’a Napo’a Mosito,
Oa batho ba sa jeng sengoathoana.
Mabeoana abo Kali,
Maila-ho-ngoatheloa!

viii)

Mohlakoana oa Masheane’a Molapo!
Batho baneng ba bohloe ke khomo,
Matsoa-letlalong!
Ea ba ea re: ‘muu!
Motho a hlaha!

ix)

Mohlakoana oa Napo’a Mosito!
Motebang, motho oa Napo!
Motho oa Seliba sa ma-Napo!
Oa mohloli o sa psheng, Tebang!

x)

Mohlakoana oa Pholo’a Lisema!
Maila-ho-ngoatheloa!
Maja-polokoe kaofela a oosi.
Batho ba lifaeng masihla-sihla,
E ile eare ha ba li roala, ba li roala lifate!
Motho oa morapall’a Lisema,
O rapaletse khorong ea Nthopi.
Seotsanyana-bito-thebeng,
Ha se ke be se ee se obile manila
Mosikong oa masaka.

xi)

Mohlakoana oa ha Napo’a Mosito!
Ho ne ho sitoe mang?
Ho n’o sitoe ‘na
Tlake Ranapjoane;
Mopeli-moholo oa Raseapara-lome,
Lome ha kea ikapesa
Ke e apesitsoe ke batho ka boomo:
Ke bo-Mohokong, Mohokong oa Pilo,
Pilo oa Sekhele,
Lipula li ka na,
Tsa oa melubela,
Tsa na matlopotlopo’a Nkole!

xii)

Mohlakoan’a Pholo’a Lisema!
Oa Tau ea Tihela!
Bahlakoana le ba etele Mariha,
Hoba Hlabula ba futsoella matlung.
Mabeoana abo Kali’a Tšolo,
Maila-ho-ngoatheloa,
Maila-khoanchana ea maobane.
Bahlakoana ba tšoana le Bataung,
Bahlakoana ba bina pina bosiu.

xiii)

Mohlakoana!
Oa banareng ba ma-Tšanana.
Oa ha Mabatla!
Se-ka-pholo mor’a Moahloli,
Tselana tooe u eang Mekoatleng,
U kene ka Ratjela le Moeketsi.

xiv)

Mohlakoana Pholo ea Lisema,
Leila-ho-ngoatheloa,
Motho ea sa jeng ngoathoana sa maobane,
Oa Napo le Mosito,
Ea jang feela ha ho theha ea liotloana,
Ho theha e menyenyane.
Ke letibi, ke lefiroane,
Tsoene ea e cha senana e beleha.
Ke koena, koenanyane,
E a hlapa, e a theosa maliboho,
Koena, koena tse ling ha li e je!

xv)

Mohlakoana oa ha Mantsane,
Lebeoana la bo-Kali,
Maila-ho-ngoatheloa,
Motho ea sa jeng sengoathoana sa maobane,
Ea jang ha meriti e theha,
Ho theha e menyane ea liotloana!

xvi)

Mohlakoana oa ha Teele’a Motaoana,
Maila-ho-ngoatheloa,
Sengoathoana sa maobane,
Maja-polokoe-kaofela!

Photos from Daniel M**o's post 25/07/2025
25/07/2025

With Naledi Aphiwe – I just got recognized as one of their top fans!

Facebook Lite for Android 21/03/2025

Facebook Lite for Android This version of Facebook uses less data and works in all network conditions.

20/03/2025
20/03/2025

Itsebe omang otswa kae otlotsebe hotseba moo yang okeke watseba moyang osatsebe mootswang Daniel M**o

Want your public figure to be the top-listed Public Figure in Botshabelo?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Category

Website

Address

Danielmofo216@gmail. Com
Botshabelo