Bad Chapter

Bad Chapter

Share

26/01/2025

Molahlei
( karolo ya botshelela)

Lingaka tsa Basotho li laola ka litaola tsa masapo a liphoofoto: Tsa Mazulu litaola li mefuta e mmeli. Ke tsa masapo tse tshwasang le tsa Basotho, le tse ling tse ling tse bitswang baphaphi, kapa abolozi ka Sezulu. Litaola tsa baphaphi li mefuta e mengata , tse ling li entswe ka lihonyana, tse ling ka maqalanyana a khaotsweng likotwana , eaba a fapanngwa jwale ka sefapano, a tlamellwa hammho.

Masobeng a maqalanyana kapa lihonyana tsena, ho tswa mantswe a masesanyane jwale ka a batho ba buang ba le hole. Ho tumile h**e mantswe ana ke a bafu , baholo- holo ba ngata, bao e leng khale ba shwele. Ha ngata e laola e ikokobelitse haholo, le hona e bua Sezulu leha e le ea Mosotho

Ngaka ea Lezulu ea bolella Masene h**e e tshwanetse ho laola e eso kene mosebetsing, e le h**e e tle e tshabe ho bona se thibelang Molahlei h**e a tle hae.

Ea re, litaola tse tla nepa hantle ke tsa baphaphi, tefo ea tsona ke sheleng tse hlano. Baphaphi ba bolela h**e Molahlei o ntsa phela moo a leng teng , feela mosali ea lulang le eena o mo jesitse moriana o bitsoang se ka -hopola- mamela- nna. Ka nako eo Molahlei a hopolang hae ka eona, o bataoloa ke letswalo se le makatsang; ere ha le fa, a bone sefahleho sa mosali eo se le setle ka ho fetisisa. Hona ho etsahala ha mosali eo a le teng
kapa a le sieo.

Molahlei o sa fetohile tshere- tshere feela feela e sa tsebeng le ho araba ha mosali eo a bua. Ngaka ea tiisa h**e Molahlei a ka tla fihla hae beke e eso fele. E tla mo romella baphaphi h**e ba e' o mo lata.

Ha ba fihla ho eena feela, o tla tloha ka ntshwe- li-sa- fohloa, a sa sa hopole letho la hae ha e se batswali feela. Ha eba ba ka mo fumana a robetse, o tla tsamaya joalo a se na sanketlana, bosiu le motsheare. A ke ke a robala a eso fihle hae.

Masene a bona h**e o tla be a entse sehloho ka ngwana hae. Mohlomong a ka tla fihla a shoele .

24/01/2025

MOLAHLEI
( karolo ya pele)

Metswalle ea Molahlei e ne e le libini tse kholo tsa sekolo. Ho ne ho se ba binang kapa ba bapalang thomo jwalo ka bona. Mothaka oa sekolo kaofela o ne o jela khwebeleng ka baka la bona. Ha ba bina lipina tsa ma- Negro, le sethoto se sa tsebeng ho ahlamisa molomo se ne se hlomoha.

Motsamaisi oa bona lipineg e ne ele ea hloho e tshesane, ea mahlo a nchocho, ea tsebe li lisholo ; khalala ea moshemane liaparong ; seeta sa hae se hlakolwa khafetsa ka letsatsi. Baroetsana ba hapeha moea ha ba mmona. Ke eena motho ea ileng a hla a hapa Molahlei kapele. Molahlei a fumana hantle h**e ha ho thwe motho ea rutehileng , ho bolelwa ea jwalo ka eena

A hla a lakatsa haholo h**e a be jwalo ka eena ka mekhwa le liketso. Pelo ea hae ea chesehela ho ka fihla Gauteng e le h**e a bone sena se hlalefisitseng metswalle ea hae.

Ntho e ne e le ngwe feela e makalitseng Molahlei. Metswalle ea hae e ne e fokola hampe lithutong , ho bile ho bonahala h**e le hanyenyane ha ba itokisetsa ho ithuta, ntho e kholo ke lipina, liaparo le ho ngolla likharebe. Lentswe la Sesotho le re, " motswalle wa moloi ke moloi" . Hang le eena a lahla lithuto , a etsisa metswalle ea hae

Sekolong sefe kapa sefe, banshanyana ha ba lumellwe ho bonya le banana. Taba e kholo ke hoba ba bang ba lebala seo ba se tletseng ba shebe lefereho . Ha beli kapa hararo Molahlei le metswalle ea hae ba ile ba sekelwa ka ho tebelwa ka baka la boitswaro ba bona bo bobe.

Ho tlwaela ha namane ke ho thoba. Qetellong Molahlei le metswalle ea hae ba tebelwa sekolong ka ho se hlokomele melao ea sekolo le ka baka la mekhwa ea bona e meb.

Pla like n commentđź’•

Want your business to be the top-listed Media Company in Quthing?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Category

Culinary Team

Attire

Telephone

Address

Quthing