Disaster Management Authority - Lesotho"
07/06/2026
Ka la 06/06/2026, DDMT ka boemeli ba DMA, Lesotho Red Cross Society, Lefapha la Bophelo le World Vision Lesotho li atlehile ho pholosa balisana ba bahlano (5) ba lilemo li 23 (2), 27, 43 le 49, ba neng ba qabeletsoe Mokhomong, Lihlabeng tsa Matsoku, ka lebaka la lehloa le matla.
Balisana bao ba tsoa metseng e latelang:
Likomeng – ba babeli (2)
Makhoatsing – ba babeli (2)
Maroeseng – a le mong (1)
Ka mor'a pholoso, kaofela ba ile ba isoa Sepetleleng sa Mokhotlong bakeng sa tlhokomelo.
Lefapha le leboha bohle ba nkileng karolo ts'ebetsong ena ea pholoso ka boitelo le tšebelisano-'moho ea bona.
Ho bohlokoa h**e sechaba sohle se ele hloko litlhokomeliso tsa boemo ba leholimo le ho latela litaelo tsa ba boholong e le ho qoba likotsi le mathata a ka bakoang ke maemo a mabe a leholimo.
Hopola Thibelo le Taolo ea Likoluoa ke boikarabello ba rona bohle.
Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa le hlokomelisa sechaba h**e leha letsatsi le chabile, boholo ba litsela tse neng li sa tsamaee li ntse li koetsoe ke lehloa le ntseng le le teng, ka hona, sechaba se eletsoa ho ela hloko maemo ana le ho nka mehato e hlokahalang ea boitšireletso e le ho qoba likotsi le litlokotsi tse ka bakoang ke maemo a teng.
Bakhanni ba likoloi ba koptjoa ho ho qoba ho sebelisa litsela tse kotsi kapa tse koetsoeng. Sechaba se boetse se khothaletsoa ho latela litaelo le litsebiso tse fanoang.
Hopola Thibelo le Taolo ea Likoluoa ke boikarabello ba rona bohle
Tlhokomeliso ! Tlhokomeliso!
Mokoallong tseleng e lebang Thaba - Tseka ha o feta Pitseng, boomgate e se koetsoe, ka lebaka la lehloa le ntseng le tsoelapele ho khetheha.
Hopola Thibelo Ie Taolo ea Likoluoa ke boikarebello ba rona bohle
Click here to claim your Sponsored Listing.
Telephone
Website
Address
Opening Hours
| Monday | 08:00 - 16:30 |
| Tuesday | 08:00 - 16:30 |
| Wednesday | 08:00 - 16:30 |
| Thursday | 08:00 - 16:30 |
| Friday | 08:00 - 16:29 |