Talk It Today
๐๐๐๐ ๐ ๐ญ๐ฅ๐๐ง๐๐ก๐๐ฅ๐๐ง๐ ๐ค๐ ๐๐จ๐ซ๐จ๐ค๐ก๐จ ๐๐ ๐ฌ๐๐ง๐ช๐ฎ
๐๐จ ๐ญ๐ฅ๐ ๐๐ก๐ ๐ค๐ก๐จ๐ง๐ ๐ก๐จ ๐ฌ๐๐ฅ๐ ๐ฆ๐จ๐ฅ๐จ๐ซ๐, ๐ค๐ ๐ฅ๐ ๐๐ '๐๐๐ฌ๐ ๐๐จ๐ง๐จ๐ ๐จ๐๐ก๐, ๐ฆ๐จ๐จ ๐๐จ๐ซ๐๐ซ๐จ ๐จ๐ ๐๐๐ญ๐ฌ๐ข ๐ ๐๐ข๐ก๐ฅ๐๐๐ ๐จ ๐ญ๐ฅ๐ ๐ง๐๐ก๐๐ฅ๐๐ง๐ ๐ค๐ ๐๐จ๐ซ๐จ๐ค๐ก๐จ ๐๐ ๐๐๐ง๐ช๐ฎ ๐ก๐จ '๐ฆ๐ฎ๐ฌ๐จ ๐จ๐ ๐๐๐ฌ๐จ๐ญ๐ก๐จ.
Ketsahalo ena, e latela ketelo ea Letona la Metsi la Afrika- Boroa le la Lesptho Mohlomphehi Mohlomi Moleko, 'moho le baokameli ba Morero ona ka Ts'itoe 2025.
Borokho bona bo bolele ba limithara tse 825. Bo jele M2 billione, โme bo tลกehelitsoe ka lipilara tse 15 (piers).
Relebohile Hlalane Tichere P**e
๐๐ข๐๐๐ญ๐ ๐ญ๐ฌ๐ ๐ญ๐ฅ๐ก๐จ๐ฅ๐๐ก๐จ ๐ฃ๐จ๐๐ฅ๐จ๐ค๐ ๐ฆ๐จ๐ซ๐จ๐๐๐ก๐ข ๐ฅ๐ข ๐ค๐ ๐ซ๐ ๐ง๐ญ๐ฌ'๐ ๐๐จ๐๐ฎ๐ฆ๐๐ง๐ ๐ฅ๐ข๐๐ก๐๐๐ ๐ญ๐ฌ๐ ๐ข๐ญ๐ฌ'๐๐ญ๐ฅ๐๐ก๐ ๐ก๐จ ๐ซ๐จ๐ง๐ ๐ค๐ ๐ฅ๐ข๐ญ๐๐๐ ๐ญ๐ฌ๐ ๐๐จ๐ฉ๐ก๐๐ฅ๐จ ๐๐จ ๐๐จ๐ญ๐ฅ๐.
Basotho ba lokela ho baballa lifate tsa tlholeho tsa mefuta e fapakaneng ho kenyeletsa 'morobehi kapa Rose kaha li na le matlafatsi le matsoai a hlokoang ke 'mele.
Leha maemo a phetoho ea leholimo a haketse kahar'a naha, tlala le tlhokahalo ea mesebetsi Basotho ba ka sebelisa lifate tsa tlholeho ho itlhahisetsa lihlahisoa tse fapakaneng.
Mamela- 'Memats'epang kekane le ho shebella Sets'oants'o sena ho ithuta litaba tse molemo.
Farmers Pitso Awards World Food Programme Ministry of Agriculture Food Security And Nutrition Lesotho Vodacom Lesotho Southern Mountains Association for Rural Transformation and Development Tichere P**e
๐ ๐ผ๐ธ๐ต๐ฒ๐๐ต๐ผ๐ฎ ๐ผ ๐ฏ๐๐น๐ฎ ๐๐ฒ๐ฎ๐๐น๐ฎ
Mokhethoa oa Malingoaneng Mohlomphehi Ramakalima Monethi, o keteka letsatsi la sehopotso sa Moshoeshoe ka ho nehelana ka lieta ho baithuti ba 60, Sekolong sa Mathomo sa Mei Primary School.
O re letsatsi lena le hopotsa Basotho ho bopa khotso, ho nena tlhelefetso ea bana, motabo le tse ling le ho e tlaleha sepoleseng. O re ho keteka letsatsi lena, e le sechaba le baithuti, ke ntho e ntle e bopang khotso le kopano ea sechaba.
Shebela sets'oants'o se tsamaeang ka tlaase 'moho le liketsahalo tsa letsatsi leo, la la 11 Tlhakubele Monongoaha, le ho ikutloela lipuo tse fapakaneng.
17/02/2026
Ithute ka serapa sa Katse Botanical Garden o be leseling ka litlama tse fumanehang sebakeng seo
๐๐๐๐ ๐ ๐ฌ๐ข๐ซ๐๐ฅ๐๐ญ๐ฌ๐ ๐๐จ๐ข๐๐๐ง๐ ๐๐ ๐ญ๐ฅ๐ก๐จ๐ฅ๐๐ก๐จ
Morero oa Matsi a Lihlaba tsa Lesotho ( LHDA) o tsoere ka matla ho boloka boieane ba tlholeho le ho baballa litlama tsohle tse bileng teng nakong ea khaho ea Letamo la Katse h**e li phelele Basotho.
Serapa sa pele sa Lesotho se bitsoa Katse Botanical Garden ho fihlela hona joale ke sona feela kahar'a naha.
Le oena o ka etela sebaka sena ho etsa boithuto le ho bona h**e na ke mefuta efe ea litlama e bolokiloeng sebakeng sena, e seng e sa fumanehe habonolo ka lebaka la phetoho ea boemo ba Leholimo.
Tlhokahalo ea mali ke ntho e kholo e lokelang ho phamoleloa holimo
๐ฆ๐ฒ๐ฐ๐ต๐ฎ๐ฏ๐ฎ ๐๐ฒ ๐ธ๐ต๐ผ๐๐ต๐ฎ๐น๐ฒ๐๐๐ผ๐ฎ ๐ต๐ผ ๐ฝ๐ต๐ฎ๐บ๐ผ๐น๐ฒ๐น๐ฎ ๐ฝ๐ต๐ฎ๐ป๐ผ ๐ฒ๐ฎ ๐บ๐ฎ๐น๐ถ ๐ต๐ผ๐น๐ถ๐บ๐ผ
Mohlomphehi Thabiso Lekitla le Mooฤทameli oa Komisi e ikemetseng ea Likhetho (IEC) Advocate Mphaiphele Maqutu, ba khothaletsa Basotho ho fana ka mali ho pholosa bรฒphelo nako le nako.
Ba re sena se ka thusa polokehong ea bophelo bo botle ba sechaba se felloang ke bophelo hobane se sa fumane mali ka nako.
Ba ipiletsa ho sechaba ho its'etleha le ho phamolela holimo khoelehelo ea Lekala la Bophelo ea phano ea mali kaha e le boikarabello ba bohle.
Mamela litaba tsena ka ho shebella sets'oants'o se tsamaeang - arolelana le ba bang litaba tsena.
Rea le amohela selemong se secha sa 2026
19/12/2025
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Website
Address
Maseru
160