CCL
The oneness of the Church of God in Lesotho can not be destroyed by the evil thinking on earth. Lies, threats and the evil attempts to demonize church leaders will surely be attended to by the Lord Himself in His on ways and time. Efforts to instilling fear on church leaders will not be dealt with by the church leaders themselves, while the country has serious issues to attend to.
Ea etsang hantle a etse hantle haholo, le ea etsang hampe a etse hampe haholo, etsoe kahlolo le phethetso e le tsa 'mopi
POLELO EA LEKHOTLA LA LIKEREKE LA LESOTHO BOITOKISETSONG BA LIKHETHO TSE AKARETSANG
04 HLAKOLA 2015
Selelekela
Rea le lumelisa ‘me re re ho lona: “Le neoe mohau le khotso ke Molimo, Ntat’a rona, le ke Morena Jesu Kreste” (2 Cor. 1: 2).
Lekhotla la Likereke la Lesotho le e ntse boitlamo ba ho sebeletsa kopano ea sechaba e nang le chebelopele ea ho matlafatsa tumelo ea Bokreste, le ho sebeletsa ka lentsoe la boporofeta ho kopanya sechaba sa habo rona sa Basotho, le ho se nts’etsa pele bophelong ba letsatsi ka leng.
Boiketo
Ka la 28 Hlakola 2015 sechaba sa Basotho se lebeletsoe ho sebelisa tokelo ea sona ea ho ikhethela ‘Muso o ratoang ke sona. Hoa lokela h**e boitokisetso ba letsatsi lena, esita le khetho ka bo eona li etsoe ka khotso le ka bolokolohi ke sechaba sohle.
Mafapha ohle a sechaba a amehang mosebetsing oa Likhetho, a lokela ho elelloa bohlokoa ba ona katlehisong ea likhetho tsena.
Boiketlo ba Makhotla a lipolotiki bo lokela ho bonts’a tlhompho ho Mosotho e mong le e mong ho sa natsoe ts’ekamelo ea hae ea lipolotiki kapa maemo a hae sechabeng.
Phapanyetsano ea maikutlo e se bake likarohano lipakeng tsa Mekha le balateli ba eona.
Kereke e ts’oenyehile haholo ke maemo a tlhokahalo ea mamellano, a qetellang ka lits’okelano, litoants’ano le lipolaeano tse sehloho. Maemo ana a tsitsipano, a ts’okelano, a ho rerelana bora, a hlokisa Lesotho le Basotho ts’epo likhethong tse lokolohileng, ‘me hona ho ama bolokolohi ba Likhetho. Maemo ana a boetse a sisinya metheo ea khotso le botsitso. Basotho ke sechaba se tsejoang ka khotso, ha re khutleleng litseleng tsa khotso.
Boipeletso
Re ipiletsa ka kotloloho ho baetapele ba lipolotiki ho sebeletsa khotso nakong ena ea likhetho. Re ba kopela tataiso ea Moea o halalelang boiketong ba bona.
Re ipiletsa ho litsi tsa ts’ireletso ho sireletsa Basotho ka ‘nete le ka tieo.
Re ipiletsa ho Makhotla a Molao ho sebetsa linyeoe ka potlako, ‘me ka toka.
Re ipiletsa ho Komisi ea Likhetho ho sebeletsa Likhetho tse lokolohileng, tse nang le ponaletso.
Ka holimo ho tsohle re kopa Basotho ho ba le mamellano.
Lekhotla La Likereke le ipiletsa ho litsi tsohle tsa sechaba ho sebetsa ka ‘nete le ka tieo ho anetsa toka ho bohle ntle le khethollo ea mofuta ofe kapa ofe.
Re etsa boipeletso bo khethehileng ho baKriste bohle ho rapella khotso ea sechaba sa Basotho ba sa khaotse.
Re phethela ka ho mema Basotho ho ea likhetho ka bongata, etsoe lentsoe la sechaba e le lentsoe la Morena Molimo.
A morena Molimo a le hlohonolofatse ‘me a le boloke.
“Re manģosa a Kreste ke hona, ‘me ho ka thoe ke Molimo o le khothatsang ka rona, rea le rapela, bakeng sa Kreste re re boelanang le Molimo” (2 Cor. 5: 20)
E tekenetsoe ke:
_____________________ ________________________
His Grace Archbishop Rev. T.S. Masemene
T.G. Lerotholi - LECSA
RCC
____________________ ______________________
Bishop A.M. Taaso Bishop J. F. White
ACL AME
______________________
Rev. S. Sotu
MCSA
25/11/2014
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Culinary Team
Attire
Contact the place of worship
Telephone
Website
Address
Maseru
100