Breed Winners
•
Letsatsi le hlahlamang bana ba 'Malisebo ba khutlela mo ba lulang, motsheare oa mantsinuea ba ea ho ea lokolla ntata bona sepetlele, ea neng a bonahala a folile leena, ho bonahala a ne a sa wela habohloko Kaha a ne a sa robeha.
“Ntate, ho etsahetseng?” Thabo a botsa.
“Nka botsa oena monna, oa nyamela joalo ka paraffin o no ile kae.” Mohale a botsa.
“Ha re kene koloing tseo ke tla li pheta tseleng.” Ho rialo Thabo.
Ba kena koloing, bohle ha qeta bo finyella ka koloing ba thola tuu, ba lebeletse Thabo a phete tsamo a tswang.
“La thola ha kale molato?” Abotsa.
“Re emetse u buoe.” 'Malisebo a araba.
“Lona maobane ha lea mpotsa.” Ho rialo Thabo.
“Qokela a botsitseng hee.” Ho rialo Mohale.
“Tsatsing leo eare hake hlaha monyako, ka thola sehlopha sa banna se ntse se nkemetse monyako. Ba nsupa ka lithunya, ba nqhoba hoea koloing, ba nkentse ka moo sepheo ele hoea mpolaea kaha kenna a entseng h**e le thole Lineo ba so mo sebelise. Ka nqane ke ne ke se ke tseba h**e ke bona ba koetelang bana. Nako eo ba khutlang ho tla lata Lineo, ba nsiea lea mong, eare ha a khaleha ka thoba ka baleha, ka tsebisa sepolesa keha bohle ba tla khutla.” Ho rialo Thabo.
Ba tsamaile joalo, Thabo, Lineo le Lisebo ba sala mo ba lulang. Letsatsi le hlahlamang ba qalella hoea sekolong, ene ele nako empe haholo, bohle ba itukisetsa lihlahlobo tsa mariea.
“Abuti Thabo, a ko njoetse mona, na hona le ausi eo u mo ratang ka pelo ea hau kaofela, eo u utloang h**e le ho mo nyala o ka mo nyala?” Lisebo a botsa. Lineo a tsitsinyeha mane moo a teng a tlohela seo a neng a ntse a se etsa, a sheba bo Thabo.
“Potso ea hau e boima, hantle ke lona ba nkimetsang. Hona tjena emong le emong o batla ho jola lenna, lere keetseng.”
“Ele h**e wena hau so ukoe u batla joalo?” Lineo a botsa.
“Mohlomong ho joalo.” Ke Thabo eo.
“Nna nekere ha re le tjena re ntho ele ngoe, hau bona Lineo oa mpona, keng nthoe thata moo?” Ho rialo Lisebo.
“Joo”
“Joale u tsebe hee h**e rona re shebile wena.” Ke Lineo eo.
🛌
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Website
Address
Maseru